
Connie Chiume o fumana tlotla selemo a hlokahetse
Kgalala ya thelevishene e seng e ile boya batho, e tswelapele ho fumana tlotla le ha e se e phomotse mobung o batang.
Connie Chiume ya bapetseng dipaleng tse ngata kwano lapeng tsa thelevishene, o tswelapele ho tlotlwa ka menyabuketso ya hae sedikadikweng sa boithabiso le thelevishene.
Kgalala ena e siile lefatshe selemo se fitileng ka kgwedi ya phato a ld dilemo di 72 ka mora ho kula ha kgutswane.
Ka mora ho hlokahala ha hae, Chiume o ile a tlotlwa ka kgau ya ‘Lifetime Achievement Award’ ke SAFTA.
Morao tjena o satswa tlotlwa ka kgau moketeng wa Directors Guild of South Africa award ceremony.
Chiume e bile karolo ya papadi ya Black Panther, moo a neng a botsha bokgoni le bokgabane ba hae papading eo ya matjhabatjhaba.
Moradi wa Chiume Nongelo, o babaditse mmae ka neo ya hae le dikgau tseo a ntseng a tswelapele ho dihapa le ha a se a hlokahetse.
“Ka dilemo tse fetang 50 sedikadikweng sa boithabiso le dikgau tsa mesebetsi ya hae kwano lapeng le matjhabeng,” ho realo Nongelo.
Forbes e mokentse lenaneng la batho ba ratwang (influential) ka 2023, o sebetsa le Samuel L Jackson, Beyoncé, Chadwick Boseman, Angela Bassett le ba bang.
Nongelo o hlalositse ha menyabuketso ya mmabona e tla dula e hopolwa.
BALA HAPE:Â Zenande Mfenyana o hopola Nandi Nyembe
