Brenda Ngxoli o tla bapala karolo ya Brenda Fassie ho Vulindlela

Kgalala ya ditshwantshiso Brenda Ngxoli, o tla bapala karolo ya Brenda Fassie kgatisong e tla bontsha bophelo ba sebini sena sa Afrika Boroa se seng se iketse boya batho.

Ngxoli ya tsejwang ka karolo ya hae ho The Queen, ke seng sa dibapadi tsa ditshwantshiso sena le boiphihlelo bo makatsang ka mora dilemo a le sedikadikweng sa bonono le boithabiso.

Papadi ena e reretswe ho bontsha bophelo ba Fassie eo e neng e le sebini, mongodi wa dipina le motho wa tjhekang sethaleng (Dancer).

Brenda Nokuzola Fassie, o hlahile ka selemo sa 1964 ka kgwedi ya Pudungwane mme a hlokahala ka selemo sa 2004 ka kgwedi ya Mmesa.

Letswallwa lena la Langa Cape Town, le ile la nka lefatshe ka setsokotsane se makatsang ka bokgoni ba hae ba ho fetola lentswe.

“Mbbrrr kapa Queen of African Pop” jwalo ka ha ane a tsejwa, o binne pina tse jwalo ka “Too Late For Mama, Black President, Weekend Special” le tse ding tse ngata.

Papadi ena e tla bontsha tsa bophelo ba hae e reheletswe ka lebitso la engwe ya pina tsa hae ya “Vulindlela“.

Tshwantshiso ena e tla bontsha bophelo ba Madonna of Township ho tloha bonyane ho fihla moo e se e le sebini se tummeng lefatshe kaofela e tla bapala kalaneng ya SABC 1.

Kgatiso ena ya dikarolo tse nne e tla qala ho bapatswa ka moqebelo wa la 15 Pudungwane ka hora ya borobedi bosiu (8:00) bosiu.