
Leloko la Zahara le makalla mokete o rerilweng ka moradi wa bona
Lelapa la sebini sa mehleng se seng se iketseng boya batho, le tlaleha lesa tsebe ka mokete o reretsweng ho tlotla kgalala ena.
Leloko la Mkutukana, le hlalositse ha e se karolo ya mokete o rerilwe ke Le’s Occasions ho tlotla Bulelwa ‘Zahara’ Mkutukana mme ba tsibisa ba sa reriswa kapa ho tsibitswa ka morero ona.
Zahara, o hlokahetse ka Tshitwe 2023 ka mora hoba le mathata a mangata a kenyeletsang kgatello ya maikutlo.
Bahokahanyi ba mokete ona, ba tlalehwa ba se ba entse ditlhophiso tse jwalo ka ho buka sebaka sa mokete le dibini tse tla thabisa letshwele.
Leloko la Mkutukana, le hlalositse ha le kotetswe ka thoko mme ba tseka hore ba be le seabo ketsong tsohle tse amang moradi wa bona.
Le ha morero wa mokete e le ho kopanya batho le dibini tlasa lebitso la Zahara, leloko le nyatsa ho se kenyeletswe le ho tsibiswa mme ba fanne ka ntlhakemo ya bona.
Ditlaleho dikuma ha emong wa leloko a hlalositse ha bahokahanyi ba mokete ona, baka tswelapele ka mokete le ho ba etsa karolo ya mokete kapa ho mokete o se tswele pele.
BALA HAPE:Â Shebe Mabena o tla hlola ntlwana tshwana
