
Cyan Boujee o kgutla ka sekgahla
Ka mora ho lahlehelwa ke leqhephe la hae la TikTok le neng le na le botshehetsi bo bongata, Cyan Boujee o kgutlela jwalo ka setsokotsane.
Mmamoratwa (influencer) ena wa marangrang o ile a tlalehwa ke batho le ho lelekwa leqhepheng la hae la TikTok ka mora ditlaleho tso ho ameha dikgwebong tsa ho hweba ka batho tsa Russia (Alabuga).
Boujee le ba bang ba di’influencer ba akgang ka hare Seema, Peachy Sprinkles le ba bang, ba ile ba tebelwa ho TikTok ka mora mehowo ya setjhaba.
Mmaoratwa enwa o ile a etsa kgatiso ho TikTok pele leqhephe la hae le tlalehwa moo a neng a hlalosa se etsahetseng le ha a ne a sa botshe ho swaba le bohlokolosi ba maemo a ka nako eo.
Boujee, o butse leqhephe le letjha mme o se a ntse a matha hodimo ka balatedi ba bangata (±23 000 followers).
Boujee o entse kgatiso moo a neng a hlalosa ha a kgutlile ka sekgahla.
“O ka tlosa leqhephe empa o kase tlose motho. Ke kgutlile ka sekgahla ho fetela pele mme ho monate ha ke kgutla hape.”
Batshehetse ba Boujee, ba botshitse ho thabela ho kgutla ha hae mme ba bang ba moeleditse ho shebana le tse mo amang a tlohele tse hole le yena.
