Kamogelo Modisha o qosa monna wa Lerato Kganyago

Modisha Gift Kamogelo ya dulang Pretoria, o qosa Thami Ndlala, monna wa mophatlalatsi wa Metro FM, Lerato Kganyago, le khamphani ya hae, Ndlalayesizwe Real Estate, bakeng sa R10-million.

Modisha o bolela hore o ile a hlekefetswa habohloko ke mohlokomedi kapa molebedi sebakeng sa bodulo sa Ndlala Hatfield, Pretoria.

Ketsahalo ena e etsahetse ka la 4 Tshitoe ngwahola, ha Modisha a ntse a sesa le metswalle.

Kgohlano le mohlokomedi e ile ya fetoha tlhaselo e mabifi, ya siya Modisha a robehile letsoho le letshehadi, leqeba le tebileng la hlooho, le bokoa bo sa feleng.

Modisha o re Ndlala le khamphani ya hae ba ikarabella bakeng sa tlhaselo eo ka lebaka la ho hloleha ho sireletsa baahi.

O batla ditshenyehelo bakeng sa bohloko, mahlomola, ditshenyehelo tsa bongaka le tahlehelo ya tjhelete.

Koko ya R10-millione e kenyelletsa R100,000 bakeng sa ditshenyehelo tsa nakong e fetileng tsa bongaka, R1-million bakeng sa ditshenyehelo tsa bongaka tsa kamoso, R6-million bakeng sa tahlehelo ua meputso, le R3-million bakeng sa ditshenyehelo tse akaretsang.

Kamogelo o re tlhaselo ena e mo siile a holofetse ka ho sa feleng, a baka PTSD le matshwenyeho a tla mo ama bophelo bohle.

O dumela hore khamphani ya Ndlala ke yona e ikarabellang bakeng sa diketso tsa mosebeletsi, e leng se etsang hore ba ikarabelle bakeng sa ditshenyehelo.

  • Translator: Karabelo Molapo