
Dee wa Married at First Sight o phahla makunutu
Dee ho tswa ho Married at First Sight Mzansi, o bua masa-a-kokometse ho lesedinyana la “Engineer Your Life.”
Dee o hlalositse ha mathata a ditjhelete a bile teng lenyalong la hae le Khutso Mokoena.
Mmamoratwa enwa ya tsejwang ka mahlahahlaha, o buile kgoba ha a ne a hlalosa hore Mokoena o ne a ntsha R2000 karolong ya hae ya tlhoko tsa lelapa. Dee o bitsitse seo “tshebedisano mooho.”
Leeto la baratani bana le qadile ho ba le mathata ka lebaka la ditjhelete le tse ding tsa lelapa.
Dee eo e leng moithuti wa molao le sephehi, o hopola tsa moraorao. “E bile ka mora matsatsi a mabedi kapa a mararo moo re sa kang ra utlwana ka puo.”
“Re ile ra lokela ho bua hore re kgone ho utlwana,” Bothata ba tsa ditjhelete e bile pharela.
Lenyalo la bona le bile le mathata a mang a akgang, hoba batswadi ba sa duleng kaofela le ho se utlwane ka puo kgafetsa.
Dee o ntse a buisana le molekane wa hae wa mehleng, e leng tlhoko e kgolo ho mora bona, Zion.
Ka kakaretso, bothata ba ditjhelete le ho fapana ha maikutlo e bile bothata lenyalong lena. Le ha Dee a dumela melato ya hae – “Ke fetoha nkwapo ha ke se ke sa batle dikamano” – phapang tsa bona di bile kgolo ho ka qojwa.
Le ha lenyalo le fedile, Dee o tsepamisitse maikutlo bokamosong ba hae le hoba mme. Kgutso yena a shebane le tsa hae tse akgang Rabotle wa Africa Boroa.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE:Â Brian Khumalo wa ipabola ho Amalanga Awafani
