
Scandal! Sebapadi se hloilweng ka ho fetisisa
Bongile Mantsai o kgutlela ho Scandal!, lenaneo la ditshwantsho tsa letsatsi le letsatsi ho etv, mme o tlisa motjheso o moholo.
Pele a tlohella mosebetsi wa Hao ho telenovela e seng e hlakotswe ya Gqeberha:The Empire, Mantsai o ne a bapala sebapadi se tummeng sa Mthunzi.
Setjhaba se ile sa fuwa malebela mabapi le ho kgutleng ha Mantsai selemo se fetseng, mme jwale ho arabela tse buuweng ke bashebelli, o tlo kgutlela lenaneong. “Mthunzi o kgutlile. Ditaba di ngata haholo bekeng ena.
Boiphetetso bo a kgutla kapa tjhankana e mofetotse motho ya bonolo?,” ho bolela kanale.
Mantsai hane a buisana le ba Sunday World o boletse hore o rata ho sebedisa tsebo ya hae, tjantjello ya hae ya SeXhosa e leng puo ya hae ya letswele.
Mantsai o itse tswellisitse puo ya hae ka ho shebella mananeo sa tshwanang le Ityala Lamawele, Ingqumbo Yeminyanya, le ho bala dipadi tsa Sexhosa.
“Ka sena, ke ile ka fumana hore re tadimuhuwa ke bamamedi ba batlang ka matla ho ithuta puo ena le hona le ho bona lethabo le tlang ho bona ha ba shebelletse lenaneo leo la puo ya bona,” ho bolela Mantsai ka Scandal.
O ile a re o rata ho bapala ha ele mohanyetsi hobaneng e tlatselletsa ho lethabo le teramo polotong.
“Ha o bapala o le motho ya kgopo mme batho ba o shebelletseng ba o hloile, tseba hore o etsa ntho e lokileng,” ho rialo Mantsai.
“Ke natefelwa ke phapang eo ke e bapalang hobane hantle ntle ke fapane hole le dipapadi tsena tse lefifi tseo ke di bapalang.
“Ke Mokreste mme ka tsela tse itseng ke jere selemo sena seo ke se bapalang.
“Ke fihlelwa ke letswalo hake kopana le batho mebileng, ebe jwale ba hopola seo ke neng ke se bua jwalo ka sebapadi lenaneong le itseng.”
