
Lerato Kganyagoo bua ha monate mabapi le sejaru ya hae
Moratuwa wa boraditaba wa Afrika Borwa Lerato Kganyago o boetse a bontsha hore na ke hobaneng ha e ntse e le e mong wa dinaledi tse tsebahalang haholo naheng ena.
Sebohodi sa seyalemoya le thelevishene ya hapileng dikgau haufinyane o ile a ya metjheng ya ditaba tsa setjhaba ho arolelana phihlelo ya hae ka ho buuwa ho tla fokotsa matswele, qeto eo ae entseng ho fokotsa bohloko bo sa foleng ba mokokotlo le molala.
A tsebahala ka bonnete ba hae, Kganyago o ile a senola hore tshebetso ena ha e amane le botle empa e mabapi le bophelo bo botle le boiketlo.
“Tshebetso ya ka ya phokotso e ne e se na mathata ebile e se bohloko ho feta kamoo ke neng ke lebelletse,” o boletse jwalo.
“E nkile dihora tse ka bang pedi, e shebane le ho fokotsa boholo ba matswele ntle le ho kenya di implants, kaha sepheo e ne e le ho fokotsa boima ba mmele ho ena le ho bo eketsa.”
 BALA Hape: Mihlali Ndamase le kganya ya meno ya mmaeÂ
- Source:www.enterteinmentsa.co.za
- Translator: Masole Mabaleka
