
Trevor Gumbi o ithutile phosong tsa hae
Trevor Gumbi o ile a hlokomela dipho tsa hae Mme hona jwale ore o motlotlo haholo ka Monna eo a fetohileng ena.
O buile ka dintwa tseo aneng a tobane le tsona kgale, mme o buile ho dikgokahano tsa marangrang hore o ne a lwantshana le ho tsuba dithethefatsi Mme o ile a senyehelwa ke lenyalo.
Ka selemo sa 2017, Trevor o ile a bua hore lenyalo la hae le moratuwa wa hae a bileng le Ena dilemo tse 17 le fedile. Gumbi o ile a tsibisa balatedi ba hae le molekane wa hae Lucille hore lenyalo le fedile Mme balatedi ba ile ba utlwa bohloko ka karohano ena ya Gumbi le Lucille.
Mohapi wa dikgau ya tsebahala ka metlae, le bo bapalla diterama, o sokotse haholo ka lebaka la ho tsuba dithethefatsi.
Mme Gumbi o hlalositse hore o qadile ho tsuba dithethefatsi ka selemo sa 2000, mme o ile a tswela pele a hlalosa hore ha asa phsla bophelo boo ba jwala le dithethefatsi.
Ha a Sheba morao, Trevor ha a motlotlo hohang ka nalane ya hae empa hona le. Hore a Dule fatshe a nne a ikutlwele bohloko, Trevor o hlokomela hore nalane ya hae etla dula le Ena empa o motlotlo haholo hobane o kgonne ho lwantsha mathata a hae.
Trevor Gumbi o ile a bolela hore o hloile monna eo aneng ale ena, empa hona jwale ha Sheba morao ao bona hore tsohle tseo aneneng adi etsa di ne di le mpe, empa fela bohloko ba hae o bo apara jwalo ka thathu, empa tseo kaofela di nkahile hore kebe monna eo keleng ena hona jwale, ho bolela Trevor.
Translator: Karabelo Molapo
