DJ Cleo o kgetha puo tsa bajaki hodima tsa lapeng

Sebohodi sa Radio 2000 e e bile e le sibini sa mmino wa Kwaito, Tlou Cleopas Monyepao ya tsebahalang ka lebitso la DJ Cleo, o ntsha maikutlo ka puo eo bana ba hae ba e buang.

Puisanong le Penuel ho Podcast ya hae (Amagents), Cleo o hlalositse ha a sena bothata ha bana ba hae ba sa bue puo e fe kapa e fe ya lapeng empa ba bua puo ya matjhabatjha ya senkgweshe (English).

Monyepao kapa Cleo, ke moPedi ya tswaletsweng Vosloorus, Gauteng le ha boholo ba mmino wa hae a ne ne a bina ka isiZulu, ha a tla butswa M.R. Es’Khaleni.

Sebohodi sena se buile a sa lobe letho hore tjhelete eo a lefang bakeng sa bana ba hae, e ngata haholo hore ba kase bue English.

“Ditjeo tsa sekolo sa bara baka hase mpolaye fela. Ha ke lokela ho lefa e kare nka lla empa ha ba bua, ke ya utlwa hore ke lefang. Ho lokile ha a sa bue puo tsa letswele, ke hantle ka seo,” ho realo Cleo.

Cleo o hlalositse ha a kene sekolo sa boleng bo hodimo (model C) ka lemo tse tharo tsa ho qetela mme ha dumele bana ba hae b lokela ho sokola.

“E bile kenya French moo. Ke puo e fe e buang haholo Afrika? French le kiSwahili. Retla bona Sesotho ha mmamorao bophelong, ha fela a tseba ho phahla, re lokileng.”

Maikutlo a Cleo a tlisitse maikutlo a fapaneng. Ba bang ba batho ba utlwisisa Cleo empa ba bang ba bona e le ho lahleha le ho lahla setso le botho.

 

BALA HAPE: Prof Mda o lla ka tshebediso ya dibuka ho kwetlisa Al

Wena maikutlo a hae ke a fe? O ka dumela bana ba hao ba bue puo e nngwe ntle le ya letswele?