
Outlaws e kgutla bakeng sa sehla sa bobedi
Papadi e ratwang e hlahang ho Showmax ya Outlaws, e kgutla bakeng sa sehla sa bobedi mora hore sehla sa pele se ratwe ke babohi.
Papadi ena e kentseng merabe e mmedi (Zulu le Basotho) e kgutla bakeng sa sehla sa bobedi ka mora hore sehla sa pele se dikgaolo tse 20 difele.
Boholo ba dibapadi tsa papadi ena dikgutla le yona le ha hona le phetoho ya se seng sa dibapadi tsa sehlooho.
Nirvana Nokwe ya neng a bapala karolo ya Sihle, a ke ke a kgutlela paleng ena mme sekgeo sa hae setla bapalwa ke Noluthando Ngema.
Dibapadi tse ding tsetla kena ke Thandolwethu Zondi ya tla bapala ‘Mthunzi Biyela’ le Mamodibe Ramodibe ya tla bapala karolo ya ‘Buang’.
Thatohatsi ya babohi Lehlohonolo Mayeza ya bapalang karolo ya Leruo, o tla kgutla e ntse e le karolo ya dibapadi tsa sehloho paleng ena ya maloko a mabedi a lwana le ho utlwana ka lebaka la Sihle le Leruo.
Pheletsong ya kgaolo ya ho qetela sehleng sa pele, ke moo Leruo le mmae Moretlo baneng balo thusa Sihle ha Bandile a jwetsa lelapa nnete.
Kgatiso ya pele ya sehla sa bobedi, setla qala ho bonwa ke batho ba lefa (streaming) ho Showmax ka la 17 Pudungwane.
Thelevisheneng teng e tla qala ho bonwa ka la 22 Pudungwane kalaneng ya Mzansi Magic.
BALA HAPE:Â Trevor Noah ke mothongwa dikgaung tsa Grammy 68
