Mkhabela Thabo o tla hlaha ho Limpopo love game

Mkhabela Thabo o tsebahatsa Sebapadi sa Morao-rao sa Gig.

Dikgwedi tse mmalwa tse fetileng, mohala o ile wa etswa ho bohle ba lakatsang ho ba dibapadi kantle moo.

Ho ne ho hlokahala batshwantshisi ba dilemo tse fapaneng bakeng sa filimi e ntjha ya metlae e monate ya varsity e bitswang, Limpopo Love Games.

Ba ile ba amohela bakopi ba bangata, mme ke ba molemohadi feela ba ileng ba kgethwa bakeng sa dikarolo tse teng.

Hara ba ileng ba iphumanela karolo ke Thabo Mkhabela.

Motshwantshisi ya nang le talenta, o sa tswa kena metjheng ya ditaba tsa setjhaba ho arolelana ditaba tse monate.

Ha se feela hore Thabo le setshwantshisi filiming ena, o sebeditse e le mokwetlisi le motsamaisi wa Dibapadi.

Leha ho le jwalo ha a so senole karolo ya hae filiming eo.

Dibapadi tse ding tse hlahelletseng tse bapalang dipapading tsa Limpopo Love Games di kenyelletsa Scandal!‘s Mikateko Hlanbangwane, Skeem Saam‘s Brendan Maphake, Gina Makgoba le Kenny Ramashala.

“Ke ne ke le setshwantshisi, mokwetlisi le motsamaisi wa Dibapadi wa filimi ena ya dinaledi ya John pheko M Maphakela

Haufinyane ke tla o otla ka matla, Limpopo Love Games,” Thabo o phatlaladitse.

  • Translator: Karabelo Molapo