
DJ Warras o hlaselwa le ho nkelwa bophelo Carlton Centre
Seletsi sa mmino e bile e le sebohodi sa seyalemoya Warrick Stock ya neng a tsebahalang ka lebitso la Dj Warras, o hlasetswe le ho bolawa ke batho ba sa tsejweng.
Warras ya neng a le dilemo di 40, o hlasetswe a le mabekeleng a Carlton Centre, Johannesburg moo bophelo ba hae bo felletseng teng.
Mohlahisi enwa wa mmino o ne a tsejwa le ka ho bua phatlalatsa ka bobe bo etsahalang ka hara naha ya Afrika Boroa ntle le ho pata letho.
Ho bolawa ha Warras ho tlisa dipotso dina hana ho fela jwalo ka ha e se seletsi sa pele se bolawa ka sehloho.
Warras o kena letotong la baletsi ba jwalo ka DJ Citi Lyts (Sandile Mkhize) ya ileng a bolawa ka Hlakola 2022 le Dj Sumbody (Oupa Sefako) ya bolauweng ka Pudungwane 2022.
Warras o ne a le kgwebong ya ho lebela (security) mme morao tjena o ne a shebane le meaho eo melata e iphileng yona ka mahahapa ka hara toropong ya Johannesburg.
Lelapa la Warras le kopile ho fuwa nako ya lelapa jwalo ka ha bale tshiamong ya ho lahlehelwa ke mora wa bona.
BALA HAPE:Â Warras o nyatsa kopo ya tshwarelo e fokolang
