Donald Trump o tla hlahlela diqoso kgahlano le Trevor Noah 

Mopresidente wa America ya dulang a le ditabeng o hlahlela diqoso kgahlano le rametlae (Comedian) wa Afrika Boroa Trevor Noah.

Noah, o entse motlae ka Trump ka nako eo a neng a le sethaleng sa dikgau tsa Grammy ka nako eo a neng a theoletsa sebini se hapileng kgau ya selemo (Song of the Year) Billie Eilish ka pina ya hae ya “Wildflower.”

“Kgau ena ke eneng e batlwa ke batho jwalo ka ha Trump a batla Greenland,” ho realo Noah.

Noah o tswelapele ka ho kenya Epstein motlaeng wa hae.

“E leng se etsang kelello hobane ka mora hore Epstein e be siyo, o hloka sehlekehleke seo a ka robang monakedi ho sona le Bill Clinton.”

Le ha batho ba tshehile hwaba monate, Trump o nkile sena ka lehlakore le leng le ho hlalosa ha a tla romela maqwetha a hae ho Noah eo a mo hlalositseng e le motho ya fapohileng le ho hloka nnete mantsweng a hae.

Noah, o ne a etsa mokete wa hae wa ho qeta wa dikgau tsena tseo a ditsamaisitseng makgetlo a 6 ka tatellano.

Ho bonaha ha ntwa dibapakeng tsa Afrika Boroa le Trump e le hole le ho fela e bile e tlaba pale e tswelapele.

 

BALA HAPE: Sebini sa Afrika boroa se tswelapele ho ingola nalaneng ya mmino