
Khanyisa Jaceni o amohetse mpho ya hae.
Re lebohela Khanyisa Jaceni kamora hore a phatlalatse ho fihla ha ngwana wa hae.
Mme ya ikhohomosang o ile a arolelana ditaba tse monate le balatedi ba hae ka Instagram ka Sontaha.
Sebini le maikutlo a metjha ya ditaba aa setjhaba o ile a arolelana setshwantsho sa hae a tshwere mora wa hae ya sa tswa tswalwa.
Ka Mmesa, Khanyisa o ile a phatlalatsa hore ena le molekane wa hae ba lebeletse moshanyana.
Dibeke ka mora hore a senole boimana ba hae, Khanyisa Jaceni o arolelane dinako tse monate ho tloha ha a qeta ho ho etsa (baby shower)Â
Ditshwantsho tse ntle di bontshitse thabo le tebello ya naledi ya sibini sa mmino wa amapiano ha e ntse e itokisetsa ho amohela bongata ba yona ba thabo.
Ka Tshitwe, o ile a arolelana ditshwantso tsa mokete wa hae wa lenyalo wa setso, a sia balatedi le metswalle ba thabile haholo.
Monyaduwa o ile a phatlalatsa ditaba ka ho nka karolo phephetsong ya TikTok moo ka boikgohomoso a ileng a hlahisa lesale monwaneng wa hae.
Poso ena e ile ya boela ya fa balatedi ba hae lesedi la ketsahalo ena, ha Khanyisa a apere diaparo tsa setso le shawl e phatlalatsang “Becoming Mrs M”.
- BALA HAPE:Â Thembisa Nxumalo ka lenaneo le letjha
Poso e ile ya kopana le molaetsa wa lerato le diteboho tse tswang ho balatedi ba hae.
- Translator: Karabelo Molapo
