Dubai ya MaWhoo le Mthandeni SK e feta 1 Million ho YouTube

Setlabolane se setjha sa Mawhoo le Mthandeni SK se feta 1 million ya bamamedi ho YouTube dihora se tswile.

 

Pina ena “Dubai” e tswileng mesong ya lebohlano mme e bonahala e thabetswe haholo jwalo ka ha kopano ya bobedi bona e tswelapele ho sebetsang hantle.

 

MaWhoo le Mthandeni, se ba kile ba sebetsa moo pineng ya Gucci, eo le yona e sebeditseng hantle.

 

Gucci e tswileng dikgweding tse kabang supa tse fitileng, e dutse ho bamamedi ba fetang 64 million ha jwale ho YouTube.

 

Le ha boholo ba nako a etsa mmino wa Amapiano le Dance, tshebetsong ya hae le Mthandeni, MaWhoo o bonahala a sebetsang hantle le mminong wa Maskandi.

 

Ha jwale pina ena ke e nngwe ya tse ratwang ka ho fitisisa ka hara naha mme ya fumaneha ho marangrang otle a bapalang mmino.

 

BALA HAPE: Cassper Nyovest o tlo etsa “Fill Up” Foreisitata