
Brickz o ntse a le tjhankaneng
Ditshebeletso tsa tlhabollo ya batshwarowa diqeletse ka thoko menyenyetsi ya hore sebini sa Kwaito Sipho Brickz Ndlovu o lokolotswe.
Mafelong a satswa feta a beke ho ne ho matha taba ya hore Brickz o tswile tjhankane jwalo ka ha a tshwaretswe peto ya motjhana wa hae.
Brickz o hula dilemo tse 15 tjhankaneng ya Leewkop mme ha hona nnete tabeng ya hore o tswile ks mora ho kwalla ka 2017.
Puisanong le leng la masedinyane, mmueli wa ditshebeletso tsena Singabakho Nxumalo, o hlalositse hosena nnete ditabeng tsena le ho hlalosa ha Ndlovu a ntse a kwalletswe.
“Ndlovu o ntse a le tjhankane, tsena tsohle ditlile ka mora kgatiso e bonahetseng le emong wa dibini mmoho. Ke sona se fileng batho mohopolo wa hore o lokolotswe.”
Ndlovu ke karolo ya sehlopha sa mmino tjhankaneng mme ontse a ntshetsa tse ding tsa dithuto pele a ntse a kwalletswe.
BALA HAPE:Â Tebogo G Mashego o tlalletswe ke naha Nigeria
