
Ho Tshwarwa ha Jackie
Ho tshwarwa ha Jackie Phamotse E se e le Selemo se Feletseng re tswaretswe ka Ntlong,” Jackie Phamotse oa nahana. Selemong se fetileng, Jackie Phamotse o ile a ahlolelwa ho hlola dilemo tse pedi a le teronkong ka lebaka la ho nyefola ba ha Kumalo. Ho feta moo, Jackie o ile a fuwa tefo ya R30,000 kapa di kgwedi tse 10 tjhankaneng. Hodima moo, o ile a fuwa tshebeletso ya sechaba e sa lefellweng.
Lekgotla la Maseterata la Randburg le lona le ile la fa Phamotse R12 000 molatong wa ho hlola tjhankaneng dikgwedi tse tharo kapa tse nne. Palong ya bone, o ile a fuwa kotlo ya R18 000 kapa ho hlola tjhankaneng di kgwedi tse tsheletseng.
Ba bang ba ne ba nahana hore Jackie ha aa ka a fuwa kahlolo e bonolo, ha ba bang ba ne ba re o ne a hloriswa ke batho ba matla le ba ruileng. Hantle, ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, kahlolo e ne e lokela ho hlomphua.
E se e le selemo esale a tshwarelwa ka tlung, mme Jackie o nahanne ka selemo se fetileng. Leha ho bonahala ho le thata, o na le tshepo ka yona. Sena e bile selemo sa ho thuisa, kgolo le mamello ho Jackie.
O ile a fumana mekgwa ya ho ikamahanya le maemo, ho sebetsana le boemo le ho atleha ha a le teronkong.
Jackie o atlehile ho ngola dibuka tse pedi , le ho qeta dithuto tsa hae tsa univesithi selemong se fetileng.
Translator: Karabelo Molapo
