HRC e kata Mchunu ka lengolo

Mokgatlo wa ditokelo tsa botho wa Human Rights Commission (HRC), o hlalositse ha Ngizwe Mchunu a lokela ho hula mantswe a hae.

Mchunu, o sehollotse ka bohale batho ba utlwanang le ba bong bo tshwanang ka mora hore ho hlahe banyalani ba babedi e mong a apere moaparo wa isiZulu.

Sebohodi sena se ile sa sheshenela bohle sa ba sa kenyeletsa le Somizi Mhlongo ka hore a nke batho ba hae.

Lengolo lena la HRC, le hlalosa ha mantswe a Mchunu a hlohleletsa lehloyo kgahlano le leloko la LGBTQ+.

Mmueli wa HRC Wisani Baloyi, o hlalositse ha ba ntshitse lengolo ho ya ho Mchunu ho hula mantswe a hale ho marangrang.

“Mchunu o lokela ho tlosa maikutlo a hatellang a ba bang ho marangrang dihoreng tse 24 tsa lengolo,” ho realo Baloyi.

“O lokela ho ntsha kopo ya tshwarelo a dumele molato wa hae wa mantswe a tletseng lehloyo mme a se hlole a phetha seo hape.”

Mchunu o ntse a tswelapele ho ntsha maikutlo a hae mme ba bang ba batho ba utlwisisa lehlakore la hae, ha ba bang ba nyatsa maikutlo ana.

 

 

BALA HAPE: Somizi o arabela Ngizwe Mchunu ka bobebe