Melanie Bala o bua ka tlhalo ya hae

Sebapadi se tummeng sa sea-le-moya Melanie Bala haufinyane o ile a bua ka bophelo ka mora tlhalo le ho tsamaya ka ho ba motswadi le monna wa hae wa mehleng, sebini Zwai Bala.

Ka 2017, Melanie le Zwai ba ile ba fana ka polelo e kopanetsweng e phatlalatsang pheletso ya lenyalo la bona la dilemo tse ka bang 10.

Ba ile ba tlama lefito ka 2008 mme ba arolelana bana ba babedi – mora le moradi ba neng ba le dilemo tse leshome le tse tsheletseng nakong ya karohano.

Puisanong ga morao tjena ho Relebogile Mabotja’s Podcast, Melanie o buile ka leeto le lebisang tlhalo le kamoo ba kgonneng ho boloka matla a bophelo bo botle ba ho sebedisana ho tsa kgodiso ya Bana.

“Tlhalo ha se qetoya bosiu bo le bong … Ka mora ho etsa qeto ya ho qetela ua tlhalo, ke nahana hore ho na le karolo ya Hao e qalang ho Tlohela, Mesarelo e mengata e etsahala ka tsela eo mme ke qaleho yaa leeto le fapaneng hobane, nka phela jsang ntle le motho enwa eo esale ke ena le ena nako e telele? O boletse jwalo Melanie

  • Translator: Karabelo Molapo