J Something o hopola AKA ka ho bina pina ya hae

Setho sa sehlopha sa mmino sa Mi Casa J Something, o hopola motswalle wa hae Kiernan Forbes ka ho bina pina ya hae (cover).

Something, o e ntse cover ya pina ya Congratulate, e leng pina ya AKA e ileng ya tuma ka selemo sa 2014.

AKA, o ile a thunywa ka 2023 profenseng ya KZN ka nako eo a neng a le moketeng oo a neng a lo bina ho ona.

Something o ngotse molaetsa o mokgutshwane leqhepheng la hae ho hopola AKA

“Ke o hopotse motswalle. Ho sebe teng ha hao hwa utlwahala ho batho ba ba bangata. Ke ya leboha ka mmino le setswalle. O ntse o phela ho ba bangata.

Long live SUPA MEGA long live”

Something le AKA, e ne e le metswalle e arolelaneng tse ngata le ha mofuta wa mmino oo baneng ba o etsa o fapane.

Nyewe ya polao ya AKA, ntse e tswelapele mme ba belaellwa ba babedi baneng ba balehetse Eswatini, ba satswa hlolwa ke nyewe mme ba lokela ho kgutlela Afrika Boroa ho tlo arabela diqosong.

 

BALA HAPE Balatedi ba AKA ba sala ba maketse