
Trevor Noah ke mothongwa dikgaung tsa Grammy 68
Rametlae wa Afrika Boroa, Trevor Noah, ke mothongwa wa dikgau tsa selemo sena tsa Di’Grammy ka kgatiso ya hae ya ‘Uncut Grass’
Noah ya kileng a tsamaisa lenaneo le leholo America le lefatsheng la The Daily Show, o nthonngwa tjena ka mora dilemo tse hlano ka tatellano a tsamaisa dikgau tsena tse kgolo lefatsheng.
Mokgahlelong ona, Noah o tla qotisana lehlokwa le Fab Morvan le the Dalai Lama bakeng sa ho hapa kgau ena.
Rametlae enwa ya tummeng lefatshe ka bophara ka metlae ya hae, o tlaba le kgalala e nngwe hape ya Afrika Boroa Tyla, eo le yena a thontsweng ka Best African Music Performance ka pina ya Push 2 Start
Bobedi bona hase bona ma’Afrika Boroa a pele a ho thongwa dikgaung tsena jwalo ka ha Black Coffee, Zakes Bantwini le Nomcebo Zikode ele dibini tsa moraorao tsa Afrika ho hapa dikgau tsena.
Tyla o se a kile a hapa kgau ho Grammy ka selemo se fitileng ka setlabolane sa hae sa Water e leng se ileng sa etsa nalane kaha o ne a qala ho thongwa dikgaung tseo.
Mokete wa ho tlotla dibini o tla tshwarwa selemo selemo setlang ka kgwedi Hlakola ka la pele sebakeng se so phatlalatswe.
BALA HAPE:Â Tyla o tswelapele ho itshupa mafatsheng
O dumela ha batla dihapa dikgau tseo?
