Jacinta o phatlalatsa ha a tla bula Podcast

Sebohodi sa mehleng sa Vuma FM e leng Jacinta Ngobese-Zuma o bula Podcast dikgwedi ka mora ho felwa ke mosebetsi jwalo la sebohodi.Jacinta

Jacinta ya buang a sa lobe letho kgatlano le baditjhaba ba jakang ka hara Afrika Boroa ntle le mangolo, o ile a felwa ke mosebetsi ho Vuma FM ntle le mabaka a utlwahalang.

Kgalala ena e hlapileng dikgau tsa bobohodi e tsibisitse ha a tla bula Podcast e tla bua taba tsa bohlokwa e seng ditshebo.

Jacinta o hlalositse ha Podcast ya hae e le ya batho bohle bao e leng kgale ba motshehetsa le ho mmotsha lerato.

Ena ke ya bohle ba dumelang ho nna le ho ntshehetsa ka nako tsohle. Le eme le nna mme ketla dula ke leboha.

Jacinta ke emong wa difahlelo le bathehi ba mokgatlo wa March and March. Mokgatlo o na o tsejwa ka ho tshwara mohwato o moholo kgahlano le baditjhaba ba jakileng ntle le mangolo.

Ha jwale Jacinta o ntse a lwanela ho tseba lebaka le susumeditseng hore a lelekwe ho Vuma FM eo a sebeditse le yona dilemo tse fetang hlano.

 

BALA HAPE: Sol Phenduka o lelekwa mosebetsing