
Babalwa M wa hlaselwa ka mora ho bina a dutse
Sebini sa mmino wa Amapiano le Afro-Tech Babalwa M, o hlaselwa ke basebedisi ba marangrang ka mora ho bina ho e meng ya mekete.
Sebini sena sa pina ya Uvalo, se bonahetse se bina se dutse fatshe, e leng se fanneng ka mehopolo e fapaneng ho batshehetsi le basebedisi ba marangrang.
Ba bang ba batshehetse, ba hlalositse ha Babalwa a sa rate mosebetsi wa hae ka lebaka la ketso eo, mme ba bang ba ema le yena hore ke mokgwa o fapaneng wa ho etsa mosebetsi wa hae.
Babalwa o bonahetse a dutse ha monate fatshe pele motho e mong (VIP section) moo a neng a bina a le teng.
E mong wa basebedisi o eme le Babalwa le ho hlalosa ha Babalwa a sa tantshe hore a ka hlola a eme mme ha fela lentswe la hae le utlwahala, tsohle dihantle hoba ke sebini.
Sebini sena se ntswe le tatso, ha se qale ho hlaselwa ke barati ba mmino ka ha pejana ba bang ba ile ba mohlasela ka lebaka la moaparo wa hae.
Le ha hole jwalo, batshehetsi ba hae ba ile ba potlaka ho ema le yena le ho hlalosa ha hole molemo ho apara haholo hona le ho tsola o le sebini.
BALA HAPE:Â Kharishma o thongwa ha bedi ho SAMAs
E be wena o nahana ke ntho e lokileng ho bina moketeng o dutse?
