NYDA e hlakisa tshebedisano le Scorpion Kings

Setheo sa National Youth Development Agency (NYDA) se hlakisitse tshehetso le tshebedisano mmoho eo banang le yona le dibini tsa mmino wa Amapiano Kabza de Small le Dj Maphorisa.

Pele ho mokete wa Scorpion Kings wa mafelo a beke moo dibini tsena di neng di tshwere mokete wa kgorola-koqo, NYDA e ile ya tlaleha ha e kene selekaneng sa tshebedisano mmoho le Scorpion Kings.

Le ha tlaleho ya sethathong ene e sa ntsha dintlha ka botlalo, ditlaleho di ile tsa tlola le ho kuma ha NYDA e tsheheditse mokete ona ka ditjhelete.

Ditsheholo di ile tsa bangata hotswa setjhabeng hore NYDA e tshehetsa jwang mokete ka ditjhelete hona le dikgwebo le batho ba hlokang thusa ya ditjhelete.

NYDA e tlalehile ha tshebedisano mmoho ya bona e le ho ho etsa menyetla bakeng sa batjha ba 150 sedikadikweng sa boithabiso ho una monyetla moketeng wa Scorpion Kings.

Setho sa tsamaiso ho NYDA (CEO) Ndumiso Kubheka, o hlalositse ha selekene seo e le ho thusa batjha ho fumana boiphihlelo mmd ho sena tjhelete eo ba e lefileng.

Setheo sena se netefaditse ha maikemisetso a sona e le ho thusa batjha le ho ntshetsa pele batjha sedikadikweng sa botaki, bonono le boiqapelo pele nahana ka bophara.

 

BALA HAPE: Mokete wa Scorpion Kings o babatswa botle