Sol Phenduka o lelekwa mosebetsing

Ka mora ho behelwa nakwana ka thoko mosebetsing, Kaya 959 e nkile qeto ya ho leleka Sol Phenduka jwalo ka sebohodi sa bona.

Qeto ena etla ka mora ntho e ka etsang beke Phenduka a beheletswe ka thoko ha ho etswa diphuputso tse keneletseng.

Kaya FM, e hlalositse ha e ke ke ya kgona ho tswelapele ho sebetsa le Phenduka ho latela mantswe a ileng a bua ho Podcast and Chill eo Phenduka e leng karolo ya yona.

Molaudi wa nakwana wa Kaya Dave Tiltman, o hlalositse ha Kaya e ke ke ya iphapanyetse tshenyo e ka etswang ke mantswe a buweng mme jwalo ka seyalemoya ba ela hloko tsohle tse ka senyang seriti sa seyalemoya.

“Kaya 959 e ke ke ya iphapanyetsa mantswe a buweng ho MacG Podcast moo Sol e leng karolo teng. Mantswe a nyenyefatsang Minnie Dlamini ha a amohelehe ebile ha ana botho le hlompho ho basadi.”

“Jwalo ka setho ba boithabiso ho lenaneo la hoseng, mantswe a hae ho Podcast, ha a hlalosa maikutlo a seyalemoya kapa seo bamamedi ba rona ba se lebelentseng ho rona.”

Ho lelekwa ha Sol, ho netefatsa se ileng sa bua ke DJ nakwana ka mora hore Sol a behelwa ka thoko nakwana mosebetsi hore ke mabapi le taba ya Minnie Dlamini.

Ba bang ba bamamedi ba seyalemoya le barati ba Sol ba hlalosa ha batla tlohela ho mamela seyalemoya sa Kaya ka mora qeto ya ho leleka Sol mosebetsing.

 

BALA HAPE: Ho emiswa ha Sol mosebetsi ho baka ditaba