
Maikutlo a Sifiso le Nota ka Thatohatsi a baka ditaba
Motsamaisi wa mmino (music executive) ya satsweng ditabeng Nota Baloyi, o ditabeng hape ka ho bua hampe ka mmele wa sebini.
Baloyi ya tsebahalang ka ho ntsha maikutlo a hae phatlalatsa ntle le tshabo ya letho, e bile karolo ya Piano Pulse mme ketelo ya hae e bakile ditaba.
Mantswe a Nota le Sifiso ho Piano Pulse, a bakile ditaba ho marangrang ka mora hore ba hlalose ha Thatohatsi Raphadi a ke ke a nona.
Maikutlo a bobedi bona a bakile ditaba ho marangrang haholo-holo ho TikTok le X moo batho ba dumelang ha Piano Pulse e le teng bakeng sa ho nyenyefatsa le ho nyatsa batho.
Mantswe a Nota le Sifiso, ha fihla hantle ho Thatohatsi moo sebini sena se hlakotseng ditshwantsho tsa hae kaofela ho Instagram.
Piano Pulse, hae qale hoba ditaba ka mora hore ba bue ka molekane wa Sizwe Alakine Gigi Lamayne mme Alakine a se rate seo le ho ba toba.
Boitaolo ba puo ho di’podcast ke e nngwe ya dintho tseo e bang bothata ka hara Afrika Boroa jwalo ka ha ditho tsa tsona disebedisa matla a bona hampe.
BALA HAPE:Â Black Coffee o lebisitse Nota Baloyi lekgotleng la dinyewe
