Maphorisa o bua ka mathata mminong wa Amapiano

Sebini le mohlahisi wa mmino wa Amapiano, Dj Maphorisa o buile phatlalatsa ka mathata ao dibini tsa mmino ditobanang le ona.

Phori kapa LawdPhori, jwalo ka ha a tsejwa sedikadikweng sa mmino, o hlalositse ha tlhodisano e le matla mminong wa Amapiano mme seo se thatafaletsa tse ding tsa dibini dintho.

“Ho thata morao tjena, ha ho bobebe jwalo ka pele,” ho real Maphorisa.

Maphorisa eo e leng sebini, Dj le mohlahisi, o hlalositse ha tsepamiso ya balateding ya maikutlo mminong e le nyane. O tswetse pele ho hlalosa hore sena e ba bothata hobane ho ntshwa pina tse ngata ka nako e kgutshwane.

“Batho ba tsepamisa maikutlo nako e nyane, ba kgetha pina e lengwe ba thabele yona dikgwedi tse tsheletseng. Ha sebini se ntsha tse leshome tse ding ha dibe le monyetla.”

Maphorisa o hlalositse ha e le botha hore dipina di fumane monyetla o tshwana kapa o lekanang haholoholo ka lebaka la ntho e bitswang ‘trend’.

Maphorisa eo a seng a sebeditse le dibini tse ngata mminong ona wa Amapiano tse akgang Samething Soweto, Young Stunna, Focalistic le  Tresor ke emong wa batho bana le nako e lelele sedikadikweng sena sa mmino.

“Ha jwale ke ntshitse dipina tse kabang 28 empa ho thabelwa le ho bapalwa pina e lengwe.”

 

BALA HAPE: Kelvin Momo o kopa tshwarelo