Molaetsa wa Makhadzi wa GBV o arola baahi

Molaetsa wa sebini sa Limpopo wa tshehetso kgahlano le tlhekefetso e etswang ho basadi, bana le banna ka ho fapana, o arola baahi.

Makhadzi o ngotse ho Facebook hore o ema kgahlano le tlheketso e etswang ho basadi le banna mme ba bang ba balatedi ba amohetse molaetsa ona ka tsela e fapaneng.

Ba bang ba batho ba utlwisisitse hore molaetsa wa Makhadzi ha o hloke tshekamelo jwalo ka ha tlhekefetso e hlaha mahlakore ho fapana.

Ba bang bona ba seholotse molaetsa wa Makhadzi jwalo ka ha ba dumela hore banna ke bona beng ba tlhekefetso mme ho ba kenya molaetseng wa hae Makhadzi o tshireletsa bahlekefetsi.

Sebini sena se pina tse jwalo ka Matrokisi, Ghanama le tse ding, o kene palong ya batho ba tummeng ba bontshitseng tshehetso mohwantong wa mmala o purple wa ho ema kgahlano le dipolao tsa bana le basadi, le tlheketso e teng ka hare ho Afrika Boroa.

Le ha mohwanto kapa ketso ena e ile ya qala ka ho baka maikutlo a fapaneng pakeng tsa baneng ba sa utlwisisi ntlhakemo ya yona, haholo banna, boholo ba batho ba bonahala ba utlwisisa le ho ema ntswe leng.

 

BALA HAPE: Makhadzi le Open Mic ba tswelapele ho qhwebeshana