McKenzie o re a ke ke a kopa tshwarelo

Letona la dipapadi le sa feleng ditabang Gayton McKenzie, o re a ke ke a kopa tshwarelo. McKenzie o buile sena ka mora hore ho hlaele melaetsa e ngotsweng ho X (Twitter ya mehleng) ya kgethollo.

Melatsa entsa ena eo McKenzie a hlalosang ha e tsenkolwa le ho qhaqolwa ka tsela e fosahetseng, e bakile ditaba di hana ho fela moo batho ba batlang hore McKenzie a tloswe setulong sa hae jwalo ka letona.

Taba ena e se e kenwe le ke ba ditokelo tsa botho mme McKenzie yena o hlalosa ha a ke ke a kopa tshwarelo hobane yena ha a na kgethollo.

“Nkase kope tshwarelo hobane ha kena kgethollo ya mmala, ha ke so bue ntho tse kgethollang,” ho realo McKenzie.

Melaetsa ena e hlaheletse ditabeng ka mora hore McKenzie a hlasele ka bohale Open Chats ka mora kgatiso eo a neng a dumela ha e na le mantswe a kgethollo.

Ho tloha mohlamonene, McKenzie haesale a le ditabeng moo a neng a leka ho hlalosetsa mme tsena tsohle di kenwe ke  South African Human Rights Commission (SAHRC) ho fuputsa e bang ke nnete McKenzie o buile mantswe ao.

McKenzie o qheletse ka thoko menyenyetse le ditlaleho kgahlano le yena le ho ho hlalosa a ke ke a tlohela seo a se etsang le ho dumela ho sona ka lebaka la “fake racism claims”. O ikanne ho lwana ntwa ena makgotleng a dinyewe.

 

BALA HAPE: McKenzie o ntse a le ditabeng