Phumeza o hlahlela lengolo la tlhalo

Molekana wa sebini sa mmino wa Kwaito Mnqobi Shoba ya tsebahalang ka lebitso la Shota, o hlahletse lengolo la tlhalo jwalo ka ha a qosa Shota ka bohlola.

Phumeza eo e leng sebini, mmabotle, sebohodi le sebapadi sa thelevisheneng se tsebahalang mme o se a bapetseng dipaleng tse leshongwana tse akgang Heist le Isidingo.

Sebapadi sena se nang le dilemo tse fetang 14 a le lenyalong le Shota, o hlalositse ha Shota a dula a tswile ka hara naha le ho qeta nako e ngata a le mose ho mawatle (Ibiza) moo a dulang a potapotile ke banana (modelers).

Phumeza, o hlalositse ha molekana wa hae e le motho ya mosotlang moyeng (psychological abuser) le ho phela jwalo ka motho ya senang maikarabelo jwalo ka ntate wa lelapa le ho qeta nako e ngata le metswalle.

Bobedi bona bona le mora ya sa boneng ka mora ho hlaha a na le bothata ba pono. Mora enwa ke DJ mme bo holo ba nako o dula a hlahella a na le mmae ya dulang a motsheheditse ka dinako tsohle.

Ho se hlaloswang e le kopo ya Phumeza ho lengolo la tlhalo, ke tjhelete e kalo ka R45 000 ka kgwedi eo Phumeza a e batlang (spousal support) le tjhelete e kalo ka R5 000 ho tshehetsa mora wa bona ya phelang ka bofofu.

 

BALA HAPE: Dee wa Married at First Sight o phahla makunutu