Melaetsa ya ditakaletso tsa pholo e tswelapele ho finyella ho Makhadzi

Melaetsa ya pholo e tswelapele ho kena ka bongata ho sebini sa mmino se amehileng kotsing ya koloi sa Limpopo.

Makhadzi, ke sebini sa moraorao sa Limpopo se tummeng se amehileng kotsing ya koloi ka letsatsi la ho qetala a selemo sa 2025.

Ditaba tsa kotsi diutlwahetse motsheare wa letsatsi leo jwalo ka ha sebini sena sene sele tseleng hotswa mokete le ho leba ho mong.

Makhadzi ke sebini sa moraorao ho ameha kotsing ka mora hore Chymamusique le Kharishma bao le bona e leng ba Limpopo ba amehe dikotsing ka nako tse fapaneng.

Melaetsa e ntse e tswelapele ho kena ka bongata ya ditakaletso tsa pholo ho Makhadzi mme sehlopha sa hae se tsibisitse ha a ntse a hlaphohelwa hantle jwalo ka ha a le bookelong.

Le ha a le bookelong kapa mahlabeng, Makhadzi o bile hara dibini tse kgaotseng selemo diyalemoyeng tse fapaneng ka pina ya hae ya Sesi ka Rose seyalemoyeng sa PhalaPhala.

E meng ya mekete eo Makhadzi a neng a lokela ho bina ho yona, e tswetse pele ntle le yena mme lelapa le lona le kopile ho fumana nako le sebaka jwalo ka moradi wa bona a ntse a hlaphohelwa.

 

BALA HAPE: Molaetsa wa Makhadzi wa GBV o arola baahi