
Siya Kolisi o tshehetsa mohwanto o kgahlano le tlhekefetso
Sebapadi sa papadi ya Rugby e bile e le mohapi wa mohope wa lefatshe makgetlo a mabedi ka tatellano Siya Kolisi, o tshehetsa letsholo le kgahlano le tlhekefetso.
Kolisi o ngotse leqhepheng la hae la X hore o ema le leano la ho apara mmala o pherese (purple) ka labohlano ho ema kgahlano le tlheketso.
Baahi ba Afrika Boroa ba rerile ho kena matsholong a boipilaetso ka labohlano la la 21 Pudungwane dibaka ka ho fapana ho ema kgahlano le tlheketso e jeleng setsi ka hara naha.
Letsholo lena, le akaretsa dipolao tsa batho, bana le basadi, tlheketso e ka malapang le ho nyamela ha batho ba so fumanwe le ka le hodimo.
Kolisi o ngotse ha morero ona o le motle mme o tla romela molaetsa o matla.
Ka labohlano re apara botala empa re lokela ho e fetola pherese. Pherese ka labohlano ho ema le basadi,” ho realo Kolisi.
Kolisi o bonwa jwalo ka motho ya nang le matla a ho kgothatsa le ho susumetsa setjhaba jwalo ka ha e le mokaptene wa sehlopha se tshajwang lefatshe ka bophara.
BALA HAPE:Â Molaetsa wa Makhadzi wa GBV o arola baahi
