Tugela Fairy ya Simmy e etsa dilemo tse supileng

Setlabolane sa album ya sebini sa mmino wa Pop le House Simmy, e etsa dilemo tse supileng e ne e fumanehe ho marangrang le mahlakoreng a bapalang mmino.

Simphiwe Majobe Nhlangulela ya tsejwang ka lebitso la Simmy, o ile a ntsha Tugela Fairy ka selemo sa 2018 tlasa EL World Music le Sony ka kopanelo.

Album ena, e bile le dipina tse 12, e bile ya pele ya Simmy sedikadikweng sa mmino le ho moetsetsa lebitso.

Kgalala ena e tswaletsweng Tugela, profenseng ya KwaZulu-Natal, e reheletse mosebetsi wa yona o moholo wa pele ka sebaka seo a tswang ho sona mme le album e bile le pina e bitswang Kwa-Zulu.

Hara dipina tse ratoweng haholo tsa album ena, ke Umahlalela, Ngiyesaba, Nawe le tse ding.

Engwe ya ntho tse ikgethileng ka album eo ke hore Simmy ke yena a ngotseng dipina tse moo le ha a sebeditse le batho ba jwalo ka Sun El Music ho tse ding tsa dipina le bohlahising.

Dilemo tse pedi ka mora moo, Simmy o ile a kgutla ka album e ngwe hape e bitswana Tugela Fairy (Made from Stars) eo le yona e ileng ya ratwa haholo.

 

BALA HAPE: Brenda Ngxoli o tla bapala karolo ya Brenda Fassie ho Vulindlela