
Mihlali Ndamase o tshabela bophelo ba hae
Mmamoratwa wa marangrang Mihlali Ndamase o hlalositse ha a tshabela bophelo ba hae.
Ndamase o hlalositse ha a tshabela bophelo ba hae le leloko la hae ka mora ho fumana ditshoso ho monna ya sa tsejweng.
Le ha Ndamase a fanne ka lebitso la monna eo, kgalala ena e hlalositse ha e sa tsebe monna eo ka botebo mme a batla hore ho tsebahale ebang a ka hlahelwa ke kotsi.
Ndamase o hlalositse ha ketso ena ya ho tshoswa e qadile dikgwedi tse fitileng empa a se enkele hloko ho fihlela a bona hore e batla e tibile ho feta ka moo a nahanneng ka teng.
Lekunutu la bophelo baka bo tswelapele ho hatelwa le ho hlokofatswa,” ho realo Ndamase a bontshitseng a ngongorehile ka polokeho ya leloko labo.
Ndamase o hlalositse ha a le tseleng ya ho nka mehato le ho tsibisa ba molao ka tsena tsohle.
“Ke bua phatlalatsa e se hobane ke batla kutlwelo bohloko kapa ho rata mahlo empa e le hobane ho thola ho sa nsebeletse.”
“Ho bohlokwa ho hlahisa ditletlebo phatlalatsa haholo ha ketsahalo ena e ntse e tswelapele.”
Kgalala ena e phethetse ka ho hlalosa hae tseba hore sethumo setla le ntho tse ngata empa ya ho tshosetswa hase yona.
BALA HAPE: SARS e mehlaleng ya mmakgwebo e mong
