
Mokete wa Fact Durban Rocks o tla fihla pheletsong le ona
Mthokozi Khathi ya tsebahalang ka DJ Tira, o tsibisitse ha mokete wa Fact Durban Rock o tla fihla pheletsong
Mothehi enwa wa Afrotainment o tsibisitse ka marangrang hore mokete ona o qadileng ka selemo sa 2011 o tla fihla pheletsong ka mora ketoko ya ho qetela selemong sena.
DJ Tira, o hlalositse ha ho bile le ditherisano tse mathileng ho tloha hara selemo ho shebisanwa mabaka ho ipapisitswe le dipehelo tsa motsemoholo Durban.
“Ho tloha ka Phupu re fumana dingongoreho ka ho kwala ka potlako ha mekete ya mafelo a selemo empa re hlompha seo,” ho realo DJ Tira.
“Rene re batla ho utlwa karabo ya mekete ya sehla sa matsatsi a phomolo mme re kgone ho tseba bohato ba rona bo latelang.”
Mokete ona e bile wa pele wa mofuta wa ona Durban mme wa hohela bolatedi bo tshosang ho leba Durban bakeng sa matsatsi a phomolo le boithabiso.
Tira o hlalositse ha a le motlotlo ka diphihlello tsa mokete o a ho tloha qalong mme a leboha le toropo ya Durban ka tshehetso.
Ke leboha bohle ka hoba karolo ya leeto le mokete ona. Ke tlotla ho sebeletsa setjhaba ka mokete wa seemo sena.
Keteko ya ho qetela ya selemong sena e tla ba tlasa sehlomathiso sa #OneLastFact mme ona o tla qala ka 2 motsheare o fele ka 2 mesong ka la 31 Tshitwe.
Mokete wa selemo le selemo wa CottonFest o fihla pheletsongÂ
