
Mkhwanazi o fitisa mpho ya batho ba X
Motho ya sa tsejweng ya sebedisang lebitso la ChrisExcel ho X (Twitter ya mehleng) o entse nyehelo ho Commissioner ya sepolesa KwaZulu-Natal, Lieutenant-Colonel Nhlanhla Mkhwanazi.
Motho enwa eo batho banang le maikutlo a fapaneng ka yena, o ile a qala ntho ekang mohwanto (Backabuddy) kapa letlole ho nyehela dikgomo tse pedi tse nonneng ho Mkhwanazi.
Sena ke ka mora hore Mkhwanazi a bue phatlalatsa ka tse ding tsa dinthong tse neng disa tsejwe ke setjhaba le ha ha jwale e le menyenyetsi e ntseng e fuputswa.
Excel le ba batho ba molatela, baile ba kopanya tjhelete e kalo ka R44 000 ho reka dikgomo tsa nyehelo ho Mkhwanazi le ha Mkhwanazi a sa amohela seo.
Mkhwanazi o lebohile ketso eo empa ha a amohela mpho ena empa o nyehelane ka yona ho letlole le thusang ba maloka a mapolesa a hlokahaletseng mosebetsing, South African Police Service Education Trust (SAPSET) .
Kantoro ya Mkhwanazi e emetse tumello ho kommishinara ya naha ho ananela nyehelo ena hore e tle e fetele letloleng le thusa bana ka ditjhelete tsa dithuto.
Mkhwanazi o buile masa-a-kokometse ka batho ba jwalo letona la sepolesa, ba bang ba batho ba tumeng mme ho ile ha thehwa kommishine ho fuputsa ditlaleho tsa Mkhwanazi.
Maikutlo a batla a fapaneng hore na lefapha la sepolesa letlo amohela nyehelo e tswang ho Excel jwang empa a hlorisa ba bang ba batho ho marangrang.
BALA HAPE:Â Shauwn Mkhize o laelwa ho lefa R27 million
