
Ramaphosa o lebohisa Leleti Khumalo
Sebapadi sa mehleng Leleti Khumalo se fumane thoriso e phahameng ho tswa ho Mopresidente Cyril Ramaphosa ka mora hore eena le moetsi wa lifilimi Anant Singh ba fumane kananelo ya matjhaba Moketeng wa Thelevishene wa Monte Carlo.
Bobedi ba ile ba tlisa hae Kgau e tlotlehang ya Golden Nymph bakeng sa tshebelisanommoho ya bona filiming e kgutshwaane ya terama e matla ya “Don’t Give Up”.
Ha a ya marang-rang a setjhaba ka la 20 Phuptjane 2025, Moporesidente Ramaphosa o ile a bontsha ho hlollwa le Thabo ya hae ka lebaka la katleho ya lefatshe ya bobedi.
Ha a nahana ka kopano ya morao tjena Boemafofane ba Matjhaba ba OR Tambo, o ile a hopola nako e kgutshwane empa e le ya bohlokwa.
Maetong a ka a ho ya le ho kgutla Sebokeng sa Baetapele ba G7 ho la Canada, ke bile le lehlohonolo le motlotlo la ho teana le sebini sa rona sa naledi sa kgale Leleti Khumalo Boemafofane ba Matjhaba ba OR Tambo.
Ramaphosa o senoletse hore Khumalo o ne a se a ntse a fana ka maikutlo a tlhōlo ya hae pele a utlwa ditabaa tsa molao.
Leleti o ne a e-na le seo a lokelang ho se bolela: o ne a kgutlile Moketeng wa Thelevishene wa Monte Carlo Monaco, moo eena le lifilimi Anant Singh ya tummeng ba hapileng Khau e tummeng ya Golden Nymph bakeng sa mosebetsi wa bona filiming e kgutshwane e reng, Don’t Give Up.
- BALA HAPE: Tamia o tswela pele ka mashano
Filimi e tummeng e bua ka pale e amang maikutlo ya mmè ya se nang molekane ya ileng a bona maemo a thata a bophelo Johannesburg ha a ntse a leka ho hlokomela bana ba hae ba babedi.
- Translator: Karabelo Molapo
