Mtoba Linda o bua ka moputso o fumanang ke batho ba tummeng

Linda Mtoba o buile ka matshediso a tlaase ka mokgwaa o makatsang wa batshwantshisi ba Afrika Borwa ba a fumanang.

Linda Mtoba e leng sebapadi sa mehleng sa Isibaya se senotse ka poso ea Instagram hore mokgwa o boima wa ho bapala o na le ditshenyehelo tse phahameng tsa botho le puseletso e nyane ya ditjhelete.

Linda o senotse hore le hoja a rata botshwantshisi, hangata batshwantshisi ba tlameha ho qeta dihora tse telele ba le sio le malapa a bona ka do-sete, e leng se etsang hore e be mosebetsi wa lerato o hlokang boitelo bo boima.

“Le ha o le mosebetsing, o kgathetse haholo hobane o sebetsa Moqebelo ho isa Moqebelo, habedi ka kgwedi, ho bolelang hore o na le mafelo-beke a mabedi feela,” ho boletse Linda.

Ke tloha hae ka hora ya bohlano hoseng, mme ke kgutla ka hora ya bosupa mantsibua.

O tloha lapeng ho sa ntse ho le lefifi mme o kgutla bosiu, matsatsi a mangata.”

Ho ya ka Mtoba,ya neng a bapala Nomonde ho The River ya Mzansi Magic, tjhelete eo a e fumanang ka ho bapadi e lekana le eo a neng a tla e etsa papading ya letsatsi le le leng.

O ile a re: “Ka sebele mosebetsi wa marang-rang o tlisa moputso oohle lapeng.

“Ke tla bua nnete ka seo; ha ho tluwa tabeng ya ditjhelete tsa yona, ho monate, mme ke hore yena jwsloka sebapadi o be teng sekirineng, TV le dintho tse jwalo, empa ha se molemong wa ditjhelete.

Dilemong tsa morao tjena, batshwantshisi ba bangata ba Afrika Borwa ba buisane phatlalatsa ka mathata a bona a dithelete, hangata ba lebisa tlhokomelo mathateng a ho boloka mosebetsi wa boiphediso lekaleng la boithabiso.

O tsebahala ka karolo ya hae ya Backstage, Carlo Radebe o bile le mathata a ditjhelete a feteletseng, a entseng hore a hloke bodulo.

Ditlaleho di bolela hore o itshetlehile ka thuso ya mmuso ya R350 ka mora ho lahlehelwa ke mosebetsi.

Gcina Mkhize, sebapadi sa mehleng sa Isibaya se tobaneng le ho lelekwa ka lebaka la mathata a ditjhelete, o ile a kopa thuso phatlalatsa ho maAforika Borwa.

  • Translator: Karabelo Molapo