
Terama e bitswang Muvhango ea fediswa
Terama ya beke le beke ya Venda “Muvhango” e nkileng nako e telele se re le shebella di thelevishining tsa rona le a fela ka Phupu.
Terama ena ya nako e telele Afrika Borwa “Muvhango” e tobane le mathata a mmalwa dilemong tsa morao tjena, ho kenyelletsa ho fokotseha ha palo ya bashebelli le ho hlakolwa ho ka bang teng.
Ka tshepo ya ho kgutlisa boipiletso ba yona, SABC e nkile bohato bo sebete selemong se fetileng ho ntjhafatsa lenaneo bakeng sa sehla sa 27.
Phetoho ena e bonahetse ho hlahiswa ha ditho tse ntjha tsa batshwantshi jwalo ka setshwantshisi sa nalane Leleti Khumalo le Thandy Matlaila, mokgabiso wa sejwale-jwale le tatelano e ntjhafaditsweng ya sehlooho, ka sepheo sa ho hohela bamamedi ba batjha, ba ratang feshene haholwanyane.
Leha ho le jwalo, ho bonahala eka boiteko ba bona bo sebete ba ho boloka lenaneo bo hlōlehile, mme balatedi ba nako e telele ba tla fana ka tsela e sa tshwaneng haufinyane.
Ho ya ka ditlaleho tse fapaneng tsa marang-rang, SABC e nkile qeto ea ho hlakola “Muvhango,” mme dikarolo tsa ho qetela di qala ho fihla Phupu.
“Hobane ha re na ditaba tse ntjha, re tlameha ho pheta-pheta ditaba tse teng.
Re na le kgaello eo ya thepa e ntjha, ya lehae e leng mokganni wa bohlokwa wa bamamedi ba Afrika Borwa,” ho boletse CEO ya SABC Nomsa Chabedi.
Ho tlatsa sekgeo se siilweng ke “Muvhango”, Chabedi o itse telenovela e ntjha e bitswang “Pimville Queens” e tla qala ho bapala ka Phato.
Lenaneo le letjha le hlahiswa ke Bakwena Productions.
- Translator: Karabelo Molapo
