
Moneoa o lokolla pina e ncha e tletseng maikutlo
Sebini le mongodi wa dipina wa Afrika Borwa, Moneoa, o itokisetsa ho lokolla e nngwe ya dipina tse haufi haholo le pelo ya hae.
Pina ena, Dear Tata, e tletse maikutlo a tebeling a lerato, bohloko, phodiso le tshwarelo.
Ha a bua ka botebo ka tshusumetso ya pina ena, Moneoa o senotse hore Dear Tata e ngotswe ho hopola ntate wa hae ya hlokahetseng ka 2014.
“Ntate wa ka o hlokahala ka 2014. Re ile ra qala ho aha kamano morao bophelong.Â
“Ke ile ka fumana dilemo tse ka bang 15 le yena, ke leboha hoo, empa ho ne ho ntse ho e-na le dipotso tse ngata tse sa arabelwang,” a hlalosa.
Sebini sena se ile sa hlalosa hore lefu la ntate wa hae le ile la mo siya a jere bohloko bo ileng ba nka dilemo ho bo sebetsana le bona.
“Ntate wa ka o ile a ipolaya. Ke karolo eo e bohloko ka ho fetisisa,” a rialo.
Ho lokolla pina ena pele ho Letsatsi la Bo-ntate e ne e se qeto e rerilweng, empa ke tlotla e tswang pelong ho ntate wa hae le kamano ya bona.
Moneoa, ya tsejwang haholo ka dipina tsa hae ‘More than you’, ‘Is’bhanxa’ le‘Yekelela’’, o re o maemong a ho leka mmino o fapaneng, mme o phatlalatsa hore o sebetsa albamong.
Dear Tata e tla lokollwa ka la 19 Phuptjane, pele ho Letsatsi la Bo-ntate.
- Pale e nkuwe ho Drum
