Selbeyonce o tlohetse Ukhozi FM

Selbeyonce ya sebeditseng seya le moyeng dilemo tse 13 o nkile Qeto ya hore a behe Meja Fatshe.

Kamora dilemo tse 13 tsa ho hapa bamamedi ba sea-le-moya, Selby “Selbeyonce” Mkhize o re a sale hantle ho Ukhozi FM.

Sebohodi se ratwang se tla tsamaisa lenaneo la hae la ho qetela ka la 18 Phuptjane, a kwala kgaolo e qadileng ka 2012 ha a kena setsing sena e le motlatsi wa lenaneo la Umnyakazo Top20.

Matla a hae a tshwaetsanwang le botho ba hae bo sebete ka pele di ile tsa etsa hore e be motho ya ratwang ke bamamedi, mme ya hohela boholo ba bamamedi ba radio ka dinako tsohle.

Ka 2014 Selby o ne a se a fihlile setsing sa kamehla ho Woza Nabangani Bakho, a tshwara qhobosheane ka Mantaha le Labohlano thapama Mme lenaneo Lena le ne le mamela ke batho ba bangata haholo.

Selemo hamorao, o ile a amohelwa e le setho sa nako yohle sa lelapa la Ukhozi FM.

O tsebahala ka boteng ba hae bo mahlahahlaha moeeng le kantle ho naha, Selbeyonce o hapile dikgau tse ngata ho theosa le dilemo mme e bile e mong wa mantswe a hlahelletseng seteisheneng sena.

Sebopeho sa hae se seholo ho feta sa bophelo le boinehelo ba hae mosebetsing wa matsoho di ile tsa thusa ho tiisa sebaka sa hae dipelong tsa bamamedi.

Mookamedi wa kgwebo wa Ukhozi FM, Lwazi Mthabela, o ile a leboha sephetho sa hae, a re: “Selby e bile setho sa bohlokwa sa lelapa la rona.

Boitlamo le tjheseho ya hae di kentse letsoho katlehong ya seea-le-moya.

Le ha Selby a so ka a senola mohato wa hae o latelang, seteishene se tiisitse hore o itokolla mosebetsing ho ya phehella “mesebetsi e metjha ya ditsebi”.

  • Translator: Karabelo Molapo