
Sebini sa Cape Town, Internet Athi, se kgethilwe ho hlala lenaneong la Apple Music la Up Next
(Pale ena e nkuwe ho Music In Africa)
Internet Athi, eo mmino wa hae o kopanyang jazz, neo-soul, folk le R&B, o  sa tswa phatlalatswa e le sebini se ntseng se hlahella se tla hlahiswa lananeong la ntshetsepele la Apple Music la Up Next.
Tsebiso ena e kenya sebini sena se ntseng se hlahella sehlopheng sa bataki ba ntseng ba totobatswa ke Apple Music ka mokgatlo wa lefatshe lohle.
Lenane lena la Up Next le reretswe ho tshehetsa bataki ba ntseng ba hola le ho ba tsebisa bamamedi ba bangata ka menyetla ya papatso.
“Ho ananelwa jwaloka sebini sa Apple Music’s Up Next South Africa ho feta nna. Ke kgopotso ya hore dipale tsa nnete, tse binwang ha hao, di ka fihla hole,” ho boletse Internet Athi.
Internt Athi o qadile ho hohela bamamedi ba bangata ka dipina tsa hae ‘Wena’, ‘Nguwe’ le ‘Undithembisile’. Ho ya ka Apple Music, dipina tsena tse tharo di bokelletse dipapadi tse fetang milione sethaleng sena.
Sebini sena se lokolotse albamo ya hae ya pele, Polymorphism, ka la 27 Mmesa 2026. Kamora ho lokollwa ha albamo, Internet Athi o kenyeleditswe ho lenaneo la 2026 la Standard Bank Joy of Jazz.
Ka ntle ho mmino, Internet Athi, eo lebitso la hae e leng Athenkosi Cetyana, ke mongodi wa dipale tse hatisitsweng.
Mosebetsi wa hae wa bongodi o kile wa hlahiswa Franschhoek Literary Festival le ho dingodilweng tsa Cover2Cover.
“Ho batjha, kea leboha ka ho mamela mmino wa ka le ho o abelana le bao le ba ratang. Kea leboha ka ho jara dipina tsena ka tlhokomelo le mofuthu o mokgethwa,” ho boletse yena.
Bataki ba hlahetseng lenaneong lena pele ho Internet Athi ba kenyeletsa Billie Eilish, Burna Boy, Tems, Rema, Bad Bunny le H.E.R.
Mongodi ke Tshepiso Motloung
