
Nfenyana o lla ka kgethollo sedikadikweng sa boithabiso
Sebapadi sa ditshwantshiso thelebisheneng Zenanda Nfenyana, o lla ka tsela eo sedikadikwe sa boithabiso se sebetsang ka yona.
Ketelong ya hae seyalemoyeng sa Power FM, Nfenyana o hlalositse ha bahlahisi ba dipale ba botsa dibapadi ka bolatedi ba bona ho maqhepe a marangrang pele baka fumana monyetle.
“Ho bohloko hore motho ya nang le bolatedi bo boholo ho marangrang e be yena a fumanang karolo, e bohloko haholo. Re phela nakong eo marangrang a nketsweng hodimo,” ho realo Nfenyana.
“Morao tjena ka nako ya diteko (auditions) o jwetswa hore o ngole palo ya bolatedi ba hae mme nna ke dula ke e tlohela. Hobaneng ke lokela ho ngola palo ya bolatedi ke sa bontshe bokgoni baka?.”
Kgalala ena ya mehleng ya Generations, hase sebapadi sa pele ho lla ka tsela eo sedikadikwe sena se sebetsang ka teng ka ho kgetha batho banang le bolatedi bo bongata ho marangrang papisong le batho banang le bokgoni ba ho etsa mosebetsi.
Dipapadi tse ngata tse akgang mokaubere Jerry Mofokeng ka Makhetha, ke e mong wa dibapadi tse bontshitseng ho ngongoreka ka tsela eo dintho dietswang ka teng e leng se nyenyefatsang le ho theola seriti sa sedikadikwe sa bonolo.
