
Mpho Pops o maketse hore Cyril Ramaphosa o shebella Podcast ya hae
Mpho Popps o Ile a Ithuta Hore Cyril Ramaphosa a Shebella Podcast ya Hae.
Mpho Popps Modikoane o qetile dilemo tse fetang leshome a le indastering, mme o ntse a tswela pele ka matla.
O qadile papading ya metlae, mme jwale ke sebapadi sa metjha ya ditaba, setshwantshisi, moamohedi wa podcast, mme o kgona ho sebetsana le mananeo le diketsahalo tse kgollo jwalo ka MC.
Ho sa tsotelehe talenta ya hae le boiphihlelo ba hae, ho na le dinako tse ntseng di utlwahala ho Mpho.
Hajwae ke e mong waa ba tsamaisang lenaneo le tsebahalang la podcast, People Need Comedy.
PNC e fana ka ditaba tse monate tsa bophelo, setso le dipale tsa motho ka mong, ka metlae e bohareng ba dipuisano tsohle.
Ho podcast, Mpho o sebetsa le borametlae ba bang, Tsitsi Chiumya, Farieda Metsileng, Shanray le Thabiso Mhlongo.
Haufinyane sehlopha se ile sa etsa hore motho e mong le e mong a tshehe
Motlae o mong le o mong o ne a loketse hantle karolo eo ba e filweng.
E mong le e mong o tlisitse papadi ya bona ya A, ka metlae bohareng ba ketso.
Jwalo ka dipodcasts, ha se motho e mong le e mong ya dulang a kgahlilwe ke ditaba tsa bona.
Haufinyane tjena PNC e ile ea etsa skit e nngwe, lekgetlong lena e shebane le palamente ya Afrika Boroa.
Mpho o ne a sebetsa jwalo ka Papa Penny, a bona moriri wa hae o tummeng, mme a etsisa mokgwa wa hae wa ho bua Senyesemane.
Batho ba bang ba ne ba nahana hore, ho fosahetse hore borametlae ba kgethe Senyesemane sa Papa Penny jwalo.
- BALA HAPE:Â Sehopotso sa Lehlohonolo Ledwaba
Hara tsohle tseo a di fihletseng, selemong sena, Mpho o re sena se entse selemo sa hae kaofela, Mme o motlotlo haholo ebile sena se mofile matla a ho tswela pele.
- Translator: Karabelo Molapo
