Phelo Bala o bontsha tswelopele

Phelo Bala o Bontsha Tswelo-pele e Hlollang Ho tloha ha Fitness Journey.

Mosebetsi o motle ka ho fetisisa oo o ka o etsang, ke ho sebetsa ka boyena.

Kgwedi e fetileng, Phelo Bala o ile a etsa jwalo, ha a kena leetong la ho itlhabolla.

Lenaneo la The Bala Family le ile la pepesa tse ding tsa matemona a neng a lwana le Phelo.

Ho etsahetse dintho tse ngata bophelong ba hae, ho kopanyelletsa le masisa-pelo, le tlhōdisano ya banababo.

Sena se ile sa mo bona a sebedisa jwala hampe, mme sena se ile sa ama mosebetsi wa hae hampe.L

Dintho so mpefala le ho feta, ha sebini le Naledi ya nnete ya show e ne e tahilwe lepatong la malome wa hae.

Esita le bashebelli ha baa ka ba kgahlwa ke boitshwaro ba Phelo, bo neng bo bontsha ho se hole le ho hloka tlhompho.

Banababo le Mmè wa hae ba ile ba leka ka hohle hore a kgaotse ho nwa jwala mme a itlhokomele, empa ba hlōleha.

O se a qetile lenaneo la hae la ho hlaphohelwa hampe, mme o ntse a tswela pele ho phela bophelo bo botle.

Phelo o ile a qala phephetso ya matsatsi a 30 ya phetoho ya mmele, ho bontsha boitlamo ba hae ba ho kgalemela, ho hatella meedi, le ho hlompha mmele wa hae.

O nnile a arolelana melaetsa wa hae wa ho sebetsa, mme jwale diphello dia bonahala

Phelo le eena o tla arolelana pale ya hae e makatsang haufinyane, ho re tsebisa leetong la hae le kgothatsang.

  • Translator: Karabelo Molapo