Nomcebo Zikode o hlotse nyeweng ya Pina ya Jerusalema

Nomcebo Zikode o Araba ka Mora ho Lahlehelwa Nyewe ya Lekgotla la Jerusalema.

Morao kwana ka 2020, Nomcebo Zikode le Master KG, ba re file e nngwe ya dipina tse kgolo ka ho fetisisa.

Jerusalema e ile ya foka Afrika Borwa feela, empa e ile ya fetoha pina y setjhaba lefatsheng ka bophara.

Pina e tummeng e ile ya ama lefatshe lohle.

Hoo e ka bang naheng e nngwe le e nngwe, batho ba ile ba nka le ho beha divideo tsa bona ba etsa Jerusalema Dance Challenge.

Esita le dinaledi tsa matjhaba tse kang sebapadi sa bolo ya maoto sa Portugal, Cristiano Ronaldo, le sebini sa Amerika, Janet Jackson ba ile ba arolelana divideo tsa dikopano moo Motjeko wa Jerusalema e neng e le wa bohlokwa.

Ho sa tsotellehe katleho e kgolo ya pina, dikamano tsa Nomcebo le Master KG di ile tsa senyeha.

Ho bile le ditlaleho tsa hore leibole ya direkoto ya Master KG, Open Mic Production, ha e so lefe Nomcebo meputso ka tlatsetso ya hae ho pina eo.

Master KG o ile a latola dipolelo tseo, a bolela hore Nomcebo o batla ho feta seo ba dumellaneng ka sona.

Ntwa ya bona e ntse e tswela pele le diketsahalo tsa morao-rao tse bonang Nomcebo a lahlehelwa ke nyewe ya hae kgahlanong le Open Mic Productions.

Nomcebo o ile a boela a laelwa ke lekgotla ho isa dialebamo tse pedi khamphaning ya tlhahiso pele a lokollwa konteraka ya hae.

Sebini se hapileng kgau ya Grammy se kene metjheng ya ditaba tsa setjhaba ka mora kahlolo.

O sa ntse a tiisa hore ha a eso lefuwe le sente, bakeng sa monehelo wa hae Jerusalema.

Ha a tswela pele Nomcebo, o ikana hore o tla tswela pele ho lwanela ditokelo tsa hae.

“Pina e kileng ya fa lefatshe tshepo, le yona e ntlhobohile. Ke ntse ke eso bone le sente, mme ke ntse ke lwanela ditokelo tsa ka, Empa ke tla nne ke lwane le bohloko bona le mokgathala ona hobane re ke ke ra tswela pele ho lokafatsa tlatlapo ya baetsi ba ditshwantso naheng ena e ntle, “ho Hlalosa Nomcebo.

  • Translator: Karabelo Molapo
  • Etswa ho: http://Sowetan.co.za