
Sebapadi sa Youngins Londiwe Nene hasa phela
Sebapadi sa tshwantshiso ya mmamoratwa ya Youngins Londiwe Nene ya tumeng ka lebitso la Aunty Thuli, ha sa phela.
Ho hlokahala ha Nene ho netefaditswe ke leloko la hae hore ha a sa phela mme le hlalositse ha a hlokahetse ka moqebelo [11 Mphalane].
“Jwalo ka leloko re utlwile bohloko ka tahlehelo ya wa leloko mme re kopa motsotswana le sebaka nakong e thata ena,” ho realo leloko.
Ho hlokahala ha Londiwe, ho hlalositswe e le ntho e tlileng ka potlako e bile s sa lebelwa ke leloko.
Puisanong le Sunday World, ausi wa Londiwe e leng Lethukuthula Nene, o hlalositse ha a hloka mantswe a ho hlalosa.
“Ha ke tsebe ke re eng kapa ke qala kae,”
Le ha ditlaleho tsena disa netefatswa, ho belaelwa Londiwe a nwele tjhefu le ha leloko le emetse netefaletso ya diteko tsa ka mora lefu.
Leloko le hlalositse ha Londiwe a ne a sa bonahale jwalo ka motho ya nang le kgatello ya maikutlo kapa motho ya kgathatsehilrng moyeng.
BALA HAPE:Â Basebetsi mmoho ba hlalosa Nyembe jwalo ka motswadi
