
Pearl Thusi o hlaha karolong ya pele ya Beauty and the Bester
Karolo ya pele ya Beauty and the Bester e makatsa babohedi ka mora hore mmamoratwa e bile e le sebapadi sa ditshwantsiso Pearl Thusi a hlalose ka moo a kopaneng le Thabo Bester.
Pale ena, ke e phethata tsa bophelo ba Thabo Bester le moratuwa wa hae Nandipha Magudumana eo e le moqosuwa mmoho le Bester.
Kgaolo ya pele ya pale ena e makaditse batho ka ha e qadile ka ho hlahisa Pearl Thusi moo a hlalosang ka moo a kopaneng le Bester ka teng.
Thusi o hlalositse ha Bester a la ikgakanya jwalo ka motho ya tla mothusa ka mosebetsi wa ho hlaha thelevishene
“O hlanya e le ka nnete. Ha ke tsebe se mo tlisitseng ho nna. Ka nako eo Facebook e ne e le ntho e kgolo mme Bester o mphumane ka yona.”
Thusi o hlalositse ha koloi eo a neng a e palame le Bester e ne e nkile mothinya o mong mme a qala ho tsoha.
Thusi o tswetse pele ka ho hlalosa hore le ha a ne a tsohile o ile a kgona matswafo le ho kgothaletsa Bester ho bua le moruti wa hae hore a mothuse.
“Jwalo ka morapedi, ke ile ka bona monyetla wa ho etsa ntho e kgolo e nepahetseng. Ke ile ka re ho yena a inehele ho modimo kapa a bue le moruti wa ka, e leng seo a ileng a dumellana le sona ka ho le leng.”
Thusi ke emong wa batho ba tumeng le ho hlahella ka mahetla ba kileng ba kopana le Bester.
Ba bang ba balatedi ba hanana le se buang ke Thusi ka hore ke leshano ho latela ka moo a hlalosang ka teng.
BALA HAPE: Nyewe kgahlano le Beauty and the Bester ya qhalwa
