Setswalle sa Kabza le Oscar Mbo se ya ipabola hape

Ebang setswalle se ne se manehwa, sa Kabza De Small le Oscar Mbo ne setla dula ka pele pele.

Metswalle ena e bile e le dikgalala tsa Amapiano le house, ba ratwa haholo le mmino wa bona.

Bekeng ena teng, setswalle sena se hlwele matsatsa. Mbo o ne a etsa 34 ka labone ka la 7 Phato a le Amerika. Kabza o entse bonnete ba ba hore hwa utlwahala.

“Morena wa Amapiano” o rometse motswalle wa hae mpho ya R10 000 le molaetsa “Thenga amasokisi njayami” (reka dikausu, motswalle).

Oscar Mbo, o manehile ho Instagram a swaswa “ke yona tsela ya ho keteka le motho ebeng le latamelane.”

Mbo o Atlanta, Georgia ketekong ya hae e mabaibai.

Pejana Mbo o kene hoteleng, a be a botsha botle bo tsotwang a be a leba Magic City, engwe ya toropong tse tumeng.

Sekgetjhana sa keteko se hapile maikutlo, tjhelete ka letsohong, botlolo ya D’Ussé ld mabone a fifetseng ho ka qala bosiu ba keteko.

Ho tloha Africa Boroa ho ya mafatsheng, Mbo o totobaditse hore o phela toro tsa hae le metswalle e jwalo ka Kabza. Mosito o tswela pele.

 

Translator: Kabelo Lehasa

BALA HAPE:Warras o nyatsa kopo ya tshwarelo e fokolang